To: Shoprite CEO Pieter Engelbrecht le President Cyril Ramaphosa
Shoprite, theola ditheko tsa dijo!

Shoprite ke lebenkele le leholo ka ho fetisisa Afrika Boroa, hape e fepa malapa a mangata Mzansi mme e bile e ithorisa ka ho ba mohiri e moholo oa naha [1]. Selemong sa ditjhelete sa 2024, kakaretso ya dipoelo tsa Shoprite e nyolohetse ho R130.8 bilione, mme CEO a etsa R83 milione[2], e leng se ileng sa mo etsa yena CEO ya lefilweng ka ho fetisisa ka hara naha. Sena ke ha batho ba limilione tse 20 ho pholletsa le Afrika Boroa ba sokola ho khona ho beha dijo tafoleng! A na re lefisoa chelete e ngata bakeng sa dijo? Mzansi e na le dijo tse lekaneng ho fepa bohle, empa ditheko tsa dijo di bolela hore batho ba robala ka tlala. Shoprite le barekisi ba bang ba dijo ba tlameha ho ba pepeneneng mabapi le ditheko tsa bona. Dikhoebo tse ding di ntse di qhekella bareki. Mohlala, nakong ea seoa sa COVID-19, Pick n Pay e amohetse hore e ne rekisa ginger ka theko e phahameng [3].
Re batla hore mabenkele a maholo le dikhoebo tse kholo tsa dijo di fane ka tlhaiso-leseding mabapi le ditheko tsa tsona ho pholletsa le ketane ea phepelo, ho kenyeletsoa hore na ke bokae ba lefuoang bahlahisi. Sena se tla kgontsha balaodi le ba bang ho hlokomela ditheko hantle. Kaha ke lebenkele le leholo ka ho fetisisa Afrika Boroa, Shoprite e ka etella pele ka mohlala.
Re ipiletsa ho CEO wa Shoprite, Pieter Engelbrecht le Moporesidente Cyril Ramaphosa ho:
1. Fokotsa ditheko tsa dijo, haholo-holo bakeng sa tse 10 tse rekoang ka ho fetisisa (raese, lebese, soya, mahe, tlhapi, dinaoa tse omisitsoeng, peanut butter, phofo, lebese le bodila (inkomzai) le di lensisi). Phihlello ya dijo tse lekaneng le phepo ya motheo bakeng sa bana ke tokelo ya molaotheo Afrika Borwa. Dijo tsena di tletse diprotheine le matla. Seo ha se bolele hore dijo tse ding ha di bohlokoa. Dijo tsena di ka fana ka boleng bo phahameng ba phepo e nepahetseng ka theko e tlase haholo, haholo-holo ho malapa a phelang tlase ho bofuma [4].
2. Moporesidente Ramaphosa o tlameha ho kenya tshebetsong molao o mabapi le tshenyo ya dijo ka hara Aforika Borwa; dik'hamphani ha di khone ho lahla dijo tse ncha ha batho ba robala ka tlala.
3. Re batla boikamahanyo bo eketsehileng ba setjhaba morerong wa mmuso wa Moralo wa Naha wa Tshireletso ya Dijo le Phepo.
Why is this important?
Dilemong tse fitileng, mekhatlo e mengata e hahile khatello ea sechaba ea ho eketsa le ho tlatselletsa dithuso tsa sechaba. Empa leha re ka fumana dikeketso tse kgolo tsa dithuso tsa setjhaba tseo esale re di batla, ditjeho tsa bophelo di tla nyenyefatsa diphenyo tsena mme di boloke batho ba le bofutsaneng. R370 ha e lekane ho ea dipuisanong tsa mosebetsi kapa ho qala khoebo e nyane, re sa bue ka ho reka lijo tse lekaneng khoeli. Thuso ea grant ea Bana e ka tlase ho mola oa bofuma ba dijo.
Re khathetse ke disuphamakete tse kang Shoprite tse iketsang eka di hlokomela bareki athe ba ka nyolla ditheko tsa bona tsa dijo ntle le ho bontša hore keketseho eo e nepahetse.
Ena ke mohato o le mong feela oa ho rarolla bothata ba tlala bo teng naheng ena. Ho na le tse ding tse ngata tse ntseng di lokela ho etsoa. Bala haholoanyane ka eona webosaeteng ea Union Against Hunger mona: https://unionagainsthunger.org/
Dula u mametse leqephe la rona la diketsahalo ho bona hore na ho na le diketsahalo tse etsahalang ka hare le haufi le uena: https://awethu.amandla.mobi/petitions/shoprite-bring-your-food-prices-down/events
[1] Being part of the Shoprite team. https://www.shopriteholdings.co.za/careers/being-part-of-the-shoprite-team.html?p=6
[2] Shoprite CEO is SA’s best-paid retail boss as package hits R83m, by Nompilo Goba for Business Day, 15 October 2024. https://www.businesslive.co.za/bd/companies/retail-and-consumer/2024-10-15-shoprite-ceo-is-sas-best-paid-retail-boss-as-package-hits-r83m/#:~:text=At%20Shoprite%2C%20the%20CEO%20earns,%2C%20Clicks%2C%20Truworths%20and%20Spar.
[3] Pick n Pay agrees to cap some prices amid investigations into alleged price gouging. Business Tech. 15 March 2021
[4] Advocate-Double-Discounted-List-of-Ten-Best-Buy-Foods. https://dgmt.co.za/wp-content/uploads/2023/10/Advocate-Double-Discounted-List-of-Ten-Best-Buy-Foods-V2-Online.pdf